Mattheu 17:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng! BIBELE Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.” Baasraak Sotho NT A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng. |
Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)
Eitse ha modumo wa terompeta o ntse o kokomoha ka ho fetisisa, Moshe a bua, mme Modimo wa mo arabela ka lentswe le matla.
Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.
Jehova a na a kgahliswa ke ho bea molao o moholo o makgethe, ka baka la ho loka ha hae.
Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.
Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Yaba leru le a tla, la ba kgurumetsa, ha ba ha tswa lentswe lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang; mo utlweng.
mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.
Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
Le yena Ntate ya nthomileng o a mpaka; ha le eso ho ka le utlwa lentswe la hae, mme ha le eso ho ka le bona sefahleho sa hae le ka mohla o le mong.
Yare hobane a bolele taba tseo, a nyoloswa ba ntse ba mo tadimile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
Esale Moshe eo ya kileng a re ho bana ba Iseraele: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; mo utlweng.
e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.
Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlahisetsa moporofeta ya tswang haeno, hara banabeno ya jwaloka nna; le tla utlwa yena;
Etlare ha e mong a ka hana ho utlwa mantswe a ka ao a tla a bolela ka lebitso la ka, ke nna ke tla mmotsa hoo.
Dipolelo tseo Jehova o di boleletse phutheho ya lona yohle, a le thabeng hara mollo, le lerung, le lefifing, ka lentswe le leholo, mme ha a ka a eketsa letho. A di ngola matlapeng a mabedi, mme a nnea wona.
Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,
Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!
Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme e mong ya kang mora motho a dutse hodima leru, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme a nkile sekele e bohale letsohong la hae.