Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 38:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Jehova o fetola Jobo a le sefefong, a re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale Morena a araba a le kahara sefefo, a re ho Jobo:

Ver Capítulo Copiar




Jobo 38:1
16 Referencias Cruzadas  

le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, leha e le dinonyana, leha e le makgomo, le diphoofolo tsohle tsa lefatshe tseo le nang le tsona, ho qala ka tse tswileng arekeng ho isa ho tsohle tse utlwang lefatsheng.


Lentswe la re: Tloha, o ye ho ema thabeng pela Jehova. Yaba Jehova o a feta. Moya o moholo, o matla, wa petsola dithaba, wa qhetsola mafika pela Jehova; empa Jehova o ne a le siyo moyeng. Kamora moya, ya eba tshisinyeho ya lefatshe; empa Jehova o ne a le siyo tshisinyehong.


Mohla Jehova a tla nyolosetsa Elia lehodimong ka sefefo, Elia le Elisha ba tloha Gilgale.


Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.


Hola Modimo o mpa o ne o ka bua, wa ahlamisa molomo wa wona ho bua le wena,


O dikadikeditse sebaka sa metsi ka sedikwadikwe, ho kgutla moo lesedi la arohanang le lefifi.


Oho Jobo, sekehela taba tseo ditsebe tsa hao; ema, o nahane mehlolo ya Modimo.


Sefefo se tswa borwa, mme moya o tswang leboya o tlisa serame.


Jehova a boela a bua le Jobo, a re:


Yaba Jehova o fetola Jobo, a le sefefong, a re:


Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo;


Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato wa hae. Jehova! ... tsela ya hae e hara sefefo le sekgohola, maru ke lerole la maoto a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos