La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 17:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

mme hang, Moshe le Elia ba ba hlahela, ba buisana le yena.

Ver Capítulo

BIBELE

Jwale Moshe le Elia ba iponahatsa ho bona, ba ntse ba bua le Jesu.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Mme bonang, ha hlaha ho bona Moshe le Elia ba ntse ba bua le yena.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mme bonang, ha hlaha ho bona Moshe le Elia ba ntse ba bua le yena.

Ver Capítulo



Mattheu 17:3
22 Referencias Cruzadas  

Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.


A fetoha pontsheng ho bona; sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, mme diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi,


Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Morena, ho molemo ha re ka dula mona; ha o rata, a re keng re etse metlotlwane e meraro mona: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia.


Mme Elia le Moshe ba hlaha ho bona, ba buisana le Jesu.


o tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, a tle a busetse dipelo tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena setjhaba se hlekehileng hantle.


Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.


Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona.


A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.


Bao ba re ba sa tloha ho yena, Petrose a bolella Jesu, a re: Monghadi, ho molemo ha re ka dula mona; a re etseng metlotlwane e meraro; o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia. O ne a sa tsebe seo a se bolelang.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


ke tla ba hlahisetsa moporofeta ya tswang hara banababo bona, ya jwaloka wena; ke tla bea mantswe a ka molomong wa hae, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.


Ha ho a ka ha boela ha eba moporofeta Iseraeleng ya jwaloka Moshe, eo Jehova a mo tsebileng, sefahleho se tadimane le sefahleho.