Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mme Elia le Moshe ba hlaha ho bona, ba buisana le Jesu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Elia le Moshe ba iponahatsa ho bona ba ntse ba bua le Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Yaba ho iponahatsa ho bona Elia le Moshe, ba ntse ba bua le Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Yaba ho iponahatsa ho bona Elia le Moshe, ba ntse ba bua le Jesu.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:4
15 Referencias Cruzadas  

Hobane baporofeta bohle le molao ba porofetile, ha ba ha fihla Johanne.


diaparo tsa hae tsa fetoha, tsa benya, tsa eba tshweu jwaloka lehlwa, kamoo ho seng mohlatswi lefatsheng kateng, a ka tsebang ho sweufatsa hakalo.


Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Rabbi, ho molemo ha re ka dula mona; ha re etseng metlotlwane e meraro: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia.


Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona.


A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.


Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang: O Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re: O Elia; empa ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.


Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang.


Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos