Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Bao ba re ba sa tloha ho yena, Petrose a bolella Jesu, a re: Monghadi, ho molemo ha re ka dula mona; a re etseng metlotlwane e meraro; o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia. O ne a sa tsebe seo a se bolelang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 Ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: “Monghadi, ke hantle ha re le mona. A re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia,” feela a sa tsebe seo a se bolelang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

33 Eitse ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: Rabbi, ho hotle ha re ka dula mona; e mong e be wa hao, e mong e le wa Moshe, e mong e be wa Elia, a sa tsebe seo a se bolelang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Eitse ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: Rabbi, ho hotle ha re ka dula mona; e mong e be wa hao, e mong e le wa Moshe, e mong e be wa Elia, a sa tsebe seo a se bolelang.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:33
13 Referencias Cruzadas  

Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.


Empa haele nna, ho ba haufi le Modimo, ke molemo ho nna; ke beile setshabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ya hao kaofela.


Eitse ha ba etla ho bongata, motho a mo atamela, a mo kgumamela ka mangwele,


Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Morena, ho molemo ha re ka dula mona; ha o rata, a re keng re etse metlotlwane e meraro mona: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia.


Empa Jesu a re ho bona: Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na?


Empa Simone a araba, a re ho yena: Monghadi, re hlotse bosiu bohle re sebetsa, mme ha re a ka ra tshwasa letho; leha ho le jwalo, ka polelo ya hao ke tla akgela letlowa.


Yare a sa rialo, leru la hlaha, la ba kgurumetsa; mme ba tshwarwa ke tshabo, ha bao ba kena lerung.


Yaba Johanne o bua, a re: Monghadi, re bone e mong ya lelekang batemona ka lebitso la hao, mme re mo hanetse, hobane ha a o latele hammoho le rona.


Filipi a re ho yena: Morena, re bontshe Ntate, mme etlaba ho re lekane.


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos