A re: Tjhe, o a e ntsha. Eitse hobane a kene tlung, Jesu a mo qala, a re ho yena: Ho jwang ho wena, Simone? Marena a lefatshe a nka lekgetho la kgwebo le la lehae ho bafe? Na a ke ho bana ba wona, kapa a ke ho ba ditjhaba tse ding na?
Mattheu 17:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a re ho yena: Ke ho ba ditjhaba tse ding. Jesu a re ho yena: Ha ho le jwalo bana bona ba lokolohile lekgethong. BIBELE Yare ha a re: “Ho baditjhaba,” Jesu a re ho yena: “Ha ho le jwalo, bara ba lokolohile. Baasraak Sotho NT Petrose a re ho yena: Ho baditjhaba. Jesu a re ho yena: Jwale, bana ba lokolohile. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a re ho yena: Ho baditjhaba. Jesu a re ho yena: Jwale, bana ba lokolohile. |
A re: Tjhe, o a e ntsha. Eitse hobane a kene tlung, Jesu a mo qala, a re ho yena: Ho jwang ho wena, Simone? Marena a lefatshe a nka lekgetho la kgwebo le la lehae ho bafe? Na a ke ho bana ba wona, kapa a ke ho ba ditjhaba tse ding na?
Empa ka ho re, re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope teng, mme o tshwase hlapi e tla phahama pele; etlare ha o e ahlamisa molomo, o tla fumana tjhelete ya setatera teng; o e nke, o ba nee yona, e lefelle nna le wena.
Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.
Empa Jesu a re ho yena: Le se ke la mo hanela; hobane ya sa re lwantsheng, o a re lwanela.
Banna ba Iseraele, ba re: Na le mmone monna eo ya tlileng na? Efela o tlile ho nyedisa Iseraele; ya ka mmolayang morena o tla mo ruisa leruo le leholo, a mo nee le moradi wa hae, mme a laele hore ntlo ya ntatae e se ke ya ntsha lekgetho Iseraeleng.