Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Banna ba Iseraele, ba re: Na le mmone monna eo ya tlileng na? Efela o tlile ho nyedisa Iseraele; ya ka mmolayang morena o tla mo ruisa leruo le leholo, a mo nee le moradi wa hae, mme a laele hore ntlo ya ntatae e se ke ya ntsha lekgetho Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Jwale banna ba Baiseraele ba re: “Na le bona monna eo ya nyolohelang kwano? Ruri o nyolohela ho tla tlaka Baiseraele. Kgosi e tla putsa monna ya ka mmolayang, e mo nee leruo le lengata. E tla mo nea le moradi wa yona, e be e ntshe lelapa labo monna eo lekgethong le tlamang Baiseraele.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:25
11 Referencias Cruzadas  

Hape, re a le tsebisa hore, haele baprista bohle, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, le bahlanka ba ntlo eo ya Modimo, ba se ke ba ntshiswa lekgetho, leha e le sethabathaba, kapa kabelo.


Petrose a re ho yena: Ke ho ba ditjhaba tse ding. Jesu a re ho yena: Ha ho le jwalo bana bona ba lokolohile lekgethong.


Kalebe a re: Ya tla kena Kiryathe-Sefere, a o nke, ke tla mo nea Aksa, moradi wa ka, e tle e be mosadi wa hae.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.


Ya hlolang, ke tla mo etsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa teng; mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Ya hlolang, yena o tla apeswa diaparo tse tshweu, mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


Banna ba Iseraele ha ba bona monna eo, ba mmalehela, ba tshaba haholo.


Ebile setjhaba se mo phetela jwalo, sa re: Monna ya mmolayang o tla etsetswa ka hore le ka hore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos