Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 17:25 - BIBELE

25 Jwale banna ba Baiseraele ba re: “Na le bona monna eo ya nyolohelang kwano? Ruri o nyolohela ho tla tlaka Baiseraele. Kgosi e tla putsa monna ya ka mmolayang, e mo nee leruo le lengata. E tla mo nea le moradi wa yona, e be e ntshe lelapa labo monna eo lekgethong le tlamang Baiseraele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Banna ba Iseraele, ba re: Na le mmone monna eo ya tlileng na? Efela o tlile ho nyedisa Iseraele; ya ka mmolayang morena o tla mo ruisa leruo le leholo, a mo nee le moradi wa hae, mme a laele hore ntlo ya ntatae e se ke ya ntsha lekgetho Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:25
11 Referencias Cruzadas  

Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.


Yare ha a re: “Ho baditjhaba,” Jesu a re ho yena: “Ha ho le jwalo, bara ba lokolohile.


Yaba Kalebe o re: “Mang kapa mang ya ka futuhelang motse wa Kiriate-Sefere, mme a o hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, se ka paradeising ya Modimo.”


“Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a ka ke a hlola a etswa ho yona. Hodima hae ke tla ngola lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e ntjha, e theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


“Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


“Ya hlolang ke yena ya tla apeswa diaparo tse tshweu; ha nka ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, mme ke tla mo paka pela Ntate le pela mangeloi a hae.


Yare ha banna bohle ba Baiseraele ba bona monna eo, ba mmaleha, mme ba kenwa ke tshabo e kgolo.


Banna ba mo araba ka ho pheta mantswe ao hape, ba re: “Ho tla etswa jwalo ho monna ya ka bolayang Mofilesita eo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos