Ba sekete ba tla baleha ba tshabiswa ke motho a le mong; ha ba bahlano ba le tshosa, le tla baleha ho fihlela masala a lona a eba jwaloka sefate se itlhophereng, se hlomilweng hodima thaba, leha e le jwaloka folaga e hlomilweng leralleng.
Eitse ha ntlo ya Davida e bolellwa ho thwe, Basiria ba kopane le Baefraime, pelo ya Akase le dipelo tsa batho ba hae tsa sisinyeha, jwaloka difate tsa meru ha di sisinngwa ke moya.
Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.
Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?
A re a sa bua le bona, a bona monna eo wa monaila, eo lebitso la hae e leng Goliathe wa Gathe, a etla a tloha makgotleng a Bafilesta, a sa bua ka mokgwa ola, Davida le yena a utlwa.
Banna ba Iseraele, ba re: Na le mmone monna eo ya tlileng na? Efela o tlile ho nyedisa Iseraele; ya ka mmolayang morena o tla mo ruisa leruo le leholo, a mo nee le moradi wa hae, mme a laele hore ntlo ya ntatae e se ke ya ntsha lekgetho Iseraeleng.