Ba sekete ba lona ba tla phaladiswa ke a le mong, ba bahlano bona ba le phaladise bohle, ho fihlela le sala le ka sefate, se itsolokileng hodima thaba, le ka mokgele hodima leralla.”
Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya.
“ ‘Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.
Naheng eo re bone diqhobane tsena, e leng Baanake ba tswetsweng ke diqhobane. Ha re ipapisa le bona re iphumane re le ditsienyane, le bona ha ba re tadima ba bona re le ditsienyane.”
Yare a sa ntsane a bua le bona, a bona seqhobanehadi se se se etla. Lebitso la sona e ne e le Goliate wa Mofilesita wa Gate, a etswa mabothong a Bafilesita. O ne a ntse a pheta mantswe ao a nnileng a a bua pele ho mona. Davida a utlwa mantswe ao.
Jwale banna ba Baiseraele ba re: “Na le bona monna eo ya nyolohelang kwano? Ruri o nyolohela ho tla tlaka Baiseraele. Kgosi e tla putsa monna ya ka mmolayang, e mo nee leruo le lengata. E tla mo nea le moradi wa yona, e be e ntshe lelapa labo monna eo lekgethong le tlamang Baiseraele.”