Mattheu 15:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna. BIBELE “ ‘Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa dipelo tsa sona di hole le nna; Baasraak Sotho NT Setjhaba sena se nkatamela ka melomo ya sona, se ntlhonepha ka melomo ya sona; empa pelo tsa bona di hole le nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Setjhaba sena se nkatamela ka melomo ya sona, se ntlhonepha ka melomo ya sona; empa pelo tsa bona di hole le nna. |
Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,
O ba hlomile; ba kentse metso, ba medile, ba beile ditholwana. O haufi le melomo ya bona, o mpa o le hole le dipelo tsa bona.
Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.
A ba araba, a re ho bona: Esaia o ne a porofete hantle bakeng sa lona, lona baikaketsi, kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: Setjhaba sena se ntlhonepha ka melomo, empa dipelo tsa bona di hole le nna.
Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.
hore bohle ba hlonephe Mora, jwalokaha ba hlonepha Ntate. Ya sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ya mo romileng.
Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo.
Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;
Hobane ya lakatsang ho rata ho phela le ho bona matsatsi a monate, e ka kgona a kganne leleme la hae bobeng, le melomo ya hae puong tsa thetso;