Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 15:8 - BIBELE

8 “ ‘Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa dipelo tsa sona di hole le nna;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Setjhaba sena se nkatamela ka melomo ya sona, se ntlhonepha ka melomo ya sona; empa pelo tsa bona di hole le nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Setjhaba sena se nkatamela ka melomo ya sona, se ntlhonepha ka melomo ya sona; empa pelo tsa bona di hole le nna.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 15:8
11 Referencias Cruzadas  

Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka,


Yaba Morena o a bua, o re: “Tjhaba sena se bua le nna ka melomo feela, se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa pelo tsa sona tsona di hole le nna; se ntshaba ho ya ka ditaelo tsa batho, ditaelo tseo se di rutilweng ke batho.


O ba hlomile, metso ya bona e tebile; ba a mela, ba beha ditholwana. Ba bua ka wena ka molomo feela, empa pelo tsa bona tsona di hole le wena!


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Baikaketsi ting! Esaya o porofetile hantle ka lona, ha a re:


A re ho bona: “Esaya o porofetile hantle ka lona baikaketsi ting, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa dipelo tsa sona di hole le nna;


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”


hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.


Ha o na kabelo leha e le seabo tabeng ena, hobane pelo ya hao ha e a loka mahlong a Modimo.


Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.


“Ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a thabo, a tshware leleme la hae ho bua tse mpe, le molomo wa hae ho bua thetso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos