Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 12:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O ba hlomile; ba kentse metso, ba medile, ba beile ditholwana. O haufi le melomo ya bona, o mpa o le hole le dipelo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 O ba hlomile, metso ya bona e tebile; ba a mela, ba beha ditholwana. Ba bua ka wena ka molomo feela, empa pelo tsa bona tsona di hole le wena!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 12:2
15 Referencias Cruzadas  

Dipobodi tsa ba tshwang di utlwahala metseng, meya ya ba hlabilweng e ntsha mehoweletso; leha ho le jwalo, Modimo ha o ele manyala ao hloko.


Nna ke bone lewatla ha le medile metso, empa hang ka tshwanela ho neela ntlo ya lona thohako;


Ke bone e mobe a iphile matla, a phahamile jwaloka sefate se fupuhang naheng ya sona;


Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,


Hobane Jehova wa makgotla, ya neng a o hlomile, o hlile a laela bobe bakeng sa hao, ka baka la bolotsana ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, boo ba bo entseng, ba tle ba nkgalefise ka ho tjhesetsa Baale dibano.


Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.


O tle o mmolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Bona, seo ke se hahileng ke ya se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba jwalo le lefatshe lena kaofela.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.


Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?


Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna.


A ba araba, a re ho bona: Esaia o ne a porofete hantle bakeng sa lona, lona baikaketsi, kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: Setjhaba sena se ntlhonepha ka melomo, empa dipelo tsa bona di hole le nna.


Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos