Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa nna Jehova, o a ntseba, o a mpona, o leka pelo ya ka hore na e reng ka wena? O ke o ba hulanye jwaloka dinku tse hlajwang, o ba kgethele tsatsi la polao!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Wena Morena, o ntseba hantle, o a mpona, o lekola menahano ya ka mabapa le wena. Ba hule sa nku e iswa tlhabong! Wena o ba beele kathoko, bakeng sa tsatsi la tlhabo ba beele kathoko.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 12:3
23 Referencias Cruzadas  

Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.


Jehova o lekola ya lokileng; moya wa hae o hloile ya kgopo le ya ratang sehloho.


Modimo, o ntlhohlotse, o lekole pelo ya ka;


O lekola pelo ya ka, o e batlisisa le ka bosiu; o ntekile, mme ha o ka wa fihlela bobe ho nna; bokgopo ha bo yo molomong wa ka.


Nkahlolele, Jehova! hobane ke phela ka toka ya ka; ke itshepetse Jehova, ha ke sisinyehe.


Lonya la bakgopo ha le ke le fele, o tiise ya lokileng, wena ya lekolang dipelo le matheka, Modimo o lokileng!


Wena Jehova, o tseba tsohle, o nne o nkgopole, o ntlhokomele, o mpheteletse ho ba ntlhorisang. Mamellong e kgolo ya hao o se ke wa ntlosa; o ke o lemohe hobane ke jere sekgobo ka baka la hao.


Mme nna ha ke a ka ka ikganela hore ke se be modisa ya o salang morao; ha ke a ka ka lakatsa letsatsi la tlokotsi; wena o a tseba; se tswileng molomong wa ka se pontsheng ya sefahleho sa hao.


Ba ntlhorisang ba ke ba hlabiswe dihlong, empa nna ke se ke ka hlabiswa dihlong, ba ke ba tlakasele, empa nna ke se ke ka tlakasela. Ako ba hlahisetse tsatsi le lebe, o ba hatakele ka ho hatakela habedi.


Jehova wa makgotla o leka ya lokileng, o sheba matheka le dipelo. Nke ke bone boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.


Moabe o senyehile, metse ya hae e nyoloha e le mosi, ba batjha ba kgethilweng ba hae ba theohela polaong, ho bolela Morena eo lebitso la hae e leng Jehova wa makgotla.


Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.


Mahlatsipa a tle a we lefatsheng la Bakalde, le ba hlabilweng ba we diterateng tsa lona.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Le ipheletse lefatsheng ka menate, le bone menyaka, le nontshitse dipelo tsa lona letsatsing la hlabo.


Empa bao, ba leng jwaloka diphoofolo tse se nang kelello, tse nang le bophelo ba nama feela, tse hlahileng hore di tshwarwe mme di hlajwe, ha ba ntse ba nyefola tabeng tseo ba sa di tsebeng, ba tla timela ho boleng ha bona, ba inkele moputso wa bokgopo jwa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos