Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 15:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba nkgumamella lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 se nkgumamella lefeela, empa se ruta dithuto tseo e leng ditaelo tsa batho!’ ”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Empa ba ntshebeletsa lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa ba ntshebeletsa lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 15:9
24 Referencias Cruzadas  

Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!


Ke feela ha ke hlwekisitse pelo ya ka, leha ke hlatswitse matsoho a ka bosweung;


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,


bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.


Matla a lona a tla fella lelea; naha ya lona e ke ke ya medisa dijo, mme difate tsa naha di ke ke tsa bea ditholwana.


Ke ha le re: Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo! re ruang, ha re boloka seo o re laetseng sona, leha re ntse re tsamaya re apere bofifi pela Jehova wa makgotla?


Yaba Jesu o bitsa bongata, a re ho bona: Mamelang, le utlwisise.


Empa ba ntshebelletsa lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.


eo le pholohang ka yona, ha le ka e boloka kamoo ke le boleletseng yona kateng, haeba le sa ka la dumela feela.


Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.


mme ba se ke ba ineela ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa masika, e leng ditaba tse hlahisang dikgang, e seng kgahiso ya ntlo ya Modimo e tiiswang ka tumelo, le jwale, ke sa o laela jwalo.


mme ba se ke ba ineela ditshomo tsa Bajuda, le ditaelo tsa batho ba furallang nnete.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.


Motho wa lefeela, na o rata ho tseba hobane tumelo e se nang mesebetsi e shwele na?


Ke pakela e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, hore, ha motho a ka di ekeletsa, Modimo o tla ekeletsa hodima hae dikotsi tse ngodilweng bukeng ena.


Haele Davida o ne a itse: Ke entse lefeela, ha ke bolokile dintho tsohle tsa monna eo feelleng, ho sa ka ha timela letho leha le le leng la hae, ha a busetsa ho nna botle ka bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos