Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.
Mattheu 15:36 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare hobane a nke mahobe ao a supileng le dihlapi, a a ngwatha, ha a se a lebohile, a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela bongata. BIBELE a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele. Baasraak Sotho NT A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele. |
Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.
A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole.
Jwale Jesu a nka mahobe, mme eitse hobane a lebohe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela ba dutseng; ba aba le tsona dihlatswana, e mong le e mong kamoo o ratang kateng.
empa dikepana tse ding tse tswang Tiberiase di ne di fihlile haufi le moo ba jeleng bohobe teng, hobane Morena a lebohe,
Yare hobane a rialo, a nka bohobe, a leboha Modimo pontsheng ya bona bohle, mme ha a bo ngwathile, a qala ho ja.
Ya kgethang letsatsi, o le kgetha ka baka la Morena, mme ya sa kgetheng letsatsi, ha a le kgethe ka baka la Morena. Ya jang tsohle, o ja ka baka la Morena, hobane o leboha Modimo; mme ya sa jeng tsohle, ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo le yena.
Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.
Ha ho se jwalo, ekare ha o leboha ka moya, ana ya dutseng setulong sa ya sa tsebeng a ka tiisa jwang teboho ya hao ka amen ya hae, haele mona a sa tsebe seo o se bolelang?
Etlare le sa kena motseng, le tla mo fihlela a eso ho nyolohele nqalong e phahameng ho ya ja teng; hobane le setjhaba se ke ke sa eja, a eso ho fihle, etswe e le yena ya tla hlohonolofatsa sehlabelo, ho ntoo jewa ke ba memilweng. Nyolohang jwale, hobane le tla mo fihlela ka nako ena.