Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 15:36 - BIBELE

36 a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Yare hobane a nke mahobe ao a supileng le dihlapi, a a ngwatha, ha a se a lebohile, a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela bongata.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 15:36
14 Referencias Cruzadas  

Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.


Hoba a laele batho hore ba dule fatshe,


A nka senwelo, a leboha, a re: “Se nkeng, mme le se sielane,


A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”


Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


Yaba Jesu o nka dinkgwa tseo, mme hoba a lebohe Modimo, a di abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi jwalo, kamoo ba lakatsang kateng.


Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.


Hoba a rialo, a nka bohobe, a boka Modimo pela bohle, a bo ngwatha, a qala ho ja.


Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.


Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.


Ho seng jwalo, ha ho ka ba teng phuthehong motho eo e esong ho be Mokreste, o tla re “Amen!” jwang thapelong ya hao ya teboho, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?


Hanghang ha le fihla ka motseng le tla se fumana se eso nyolohele leralleng ho ya ja. Setjhaba se ke ke sa ja dijo senohe se eso fihle, hobane se lokela ho hlohonolofatsa sehlabelo, mme kamorao ho moo ba memilweng ba tla ja. Ka baka leo, nyolohang hona jwale, mme le tla se fumana.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos