Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 10:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

31 Ka baka leo, leha le eja, leha le enwa, leha le etsa eng kapa eng, le etse tsohle ho tlotlisa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Ka baka leo, leha le eja, leha le enwa, leha le etsa eng kapa eng, le etse tsohle ho tlotlisa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 10:31
11 Referencias Cruzadas  

Le dipitsa tsohle tsa Jerusalema le tsa Juda e tla ba ntho tse kgethetsweng Jehova wa makgotla; bohle ba etsang mahlabelo ba tla tla ba nke ho tsona, ba be ba apehe ka tsona; mme ha ho sa tla hlola ho eba Mokanana tlung ya Jehova wa makgotla, ka tsatsi leo.


Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.


Mosadi ya nyetsweng le morwetsana ha ba tshwane. Ya sa nyalwang o hlokomela tsa Morena, a tle a halalele mmeleng le moyeng; empa ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe lena, le kamoo a ka kgahlisang monna wa hae kateng.


Le tla thaba pela Jehova, Modimo wa lona, lona le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona ba batona, le ba batshehadi, le Molevi ya menyakong ya lona; hobane yena ha a na kabelo le lefa jwaloka lona.


empa ke pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, o tla ja tseo, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, mme o tla nyakalla pela Jehova, Modimo wa hao, ka tsohle tseo o di ruileng ka matsoho a hao.


Le tla ja teng pela Jehova, Modimo wa lona, le ithabise, lona le ba matlo a lona, ka mesebetsi yohle ya matsoho a lona, eo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka yona.


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;


E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos