La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 14:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yare mantsiboya, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, le letsatsi le se le ile; o ke o kgutlise bongata, bo ikele metsaneng ho ithekela dijo.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse ha e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lesa bongata bo tsamaye, ba ye metsaneng, ba ithekele dijo.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse ha e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lesa bongata bo tsamaye, ba ye metsaneng, ba ithekele dijo.

Ver Capítulo



Mattheu 14:15
7 Referencias Cruzadas  

Jesu yare hoba a utlwe taba eo, a tloha moo ka sekepana, a ikela thoko, feelleng. Eitse hobane matshwele a utlwe, a mo latela teng ka maoto, a etswa metseng.


Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona.


Empa Jesu a re ho bona: Ha ba tshwanela ho tloha; ba fepeng e le lona.


Empa Jesu a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba atamela, ba mo rapela, ba re: Mo kgutlise, hobane o howa a ntse a re latela.


Ekare ha nka ba kgutlisetsa mahae a bona ba lapile, ba ka kgathala tseleng; hobane ba bang ho bona ba tswa hole.


Letsatsi ha le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: Kgutlisa bongata, ba tle ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, mme ba bone dijo teng, hobane mona re feelleng.