Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 14:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Eitse ha e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lesa bongata bo tsamaye, ba ye metsaneng, ba ithekele dijo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yare mantsiboya, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, le letsatsi le se le ile; o ke o kgutlise bongata, bo ikele metsaneng ho ithekela dijo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Eitse ha e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lesa bongata bo tsamaye, ba ye metsaneng, ba ithekele dijo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 14:15
7 Referencias Cruzadas  

Jesu ha a utlwa hoo, a tloha teng ka sekepe, a ya sebakeng se le seng a le mong;


Yare ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, mme a fodisa ba kulang ba lona.


Empa Jesu a re ho bona: Ha ho hlokahale hore ba tsamaye; le ba fe dijo.


Empa a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo rapela, ba re: Mo leleke; hobane o lla ka mora rona.


Ekare ha ke ba kgutlisetsa matlung a bona ba lapile, ba tla kgathala tseleng; hobane ba bang ba bona ba tswa hole.


Eitse ha letsatsi le se le rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: “E-re matshwele a tsamaye, hore a ye metsaneng le metsaneng e ka mathoko, mme a fumane dijo, hobane mona re lehwatateng sebaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos