Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 15:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa Jesu a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba atamela, ba mo rapela, ba re: Mo kgutlise, hobane o howa a ntse a re latela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Empa a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo rapela, ba re: Mo leleke; hobane o lla ka mora rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo rapela, ba re: Mo leleke; hobane o lla ka mora rona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 15:23
8 Referencias Cruzadas  

Josefa a bona banababo, a ba tseba, empa a iketsa motho ya sa ba tsebeng; a bua le bona ka matla, a re ho bona: Le tswa kae? Ba re: Re tswa naheng ya Kanana; re tlile ho reka dijo.


Jehova, ke howeletsa ho wena! Lefika la ka, o se ke wa nthibanela ditsebe; esere mohlomong, ha o ka nkgutsetsa, ka ba jwaloka ba theohelang lebitleng.


Le hona ha ke howeletsa, mme ke meketsa, o thibela thapelo ya ka.


Yare mantsiboya, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, le letsatsi le se le ile; o ke o kgutlise bongata, bo ikele metsaneng ho ithekela dijo.


Teng ha hlaha mosadi wa Mokanana, ya tswang mathokong ao, a howa, a re: Nkutlwele bohloko, Morena, mora Davida! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke motemona.


A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos