Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Letsatsi ha le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: Kgutlisa bongata, ba tle ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, mme ba bone dijo teng, hobane mona re feelleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ha letsatsi le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba atamela, ba re ho yena: “Lokolla letshwele, hore batho ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, ba robaletse teng, mme ba fumane se jewang, hobane mona re nahathothe.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Eitse ha letsatsi le se le rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: “E-re matshwele a tsamaye, hore a ye metsaneng le metsaneng e ka mathoko, mme a fumane dijo, hobane mona re lehwatateng. sebaka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Eitse ha letsatsi le se le rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: “E-re matshwele a tsamaye, hore a ye metsaneng le metsaneng e ka mathoko, mme a fumane dijo, hobane mona re lehwatateng sebaka.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:12
13 Referencias Cruzadas  

Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.


Nna, ke o tsebile feelleng, fatsheng le omileng.


Jesu yare hoba a utlwe taba eo, a tloha moo ka sekepana, a ikela thoko, feelleng. Eitse hobane matshwele a utlwe, a mo latela teng ka maoto, a etswa metseng.


Empa Jesu a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba atamela, ba mo rapela, ba re: Mo kgutlise, hobane o howa a ntse a re latela.


Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.


Eitse hobane batho ba tsebe, ba mo latela. Jesu a ba amohela, a ba bolella taba tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba batlang phodiso.


Empa a re ho bona: Ba fepeng, e le lona. Ba re: Re na le mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi; haese hore e be rona re ka yang ho rekela setjhaba sena sohle dijo!


Kamora tseo, Jesu a ya mose wane wa lewatle la Galelea, e leng la Tiberiase.


Ke tswe ke tseba hobane hoo ho tla mphetohela polokeho ka merapelo ya lona, le ka tshitso ya Moya wa Jesu Kreste,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos