Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.
Mattheu 13:40 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwaloka mofoka ha o kguwa, o tjheswa mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe lena. BIBELE “Jwalokaha mofoka o ye o fotholwe, o tjheswe mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale. Baasraak Sotho NT Jwaloka ha mofoka o bokellwa, o tjheswa mollong; ho tla ba jwalo qetellong ya lefatshe lena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwaloka ha mofoka o bokellwa, o tjheswa mollong; ho tla ba jwalo qetellong ya lefatshe lena. |
Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.
Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.
sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi.
Ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe: mangeloi a tla tswa, a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,
Eitse hobane a dule thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba nnotshi, ba re ho yena: Re bolelle nako taba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.
mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.
Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.
Hobane hoja taba di dutse jwalo, ekabeba o hlabilwe hangata, haesale lefatshe le thewa; empa jwale, hobane nako di phethehe, o hlahile hang ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.