Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Tsena tsohle di ile tsa ba hlahela hore e be mehlala, mme di ngotswe hore e be temoso ho rona ba fihletsweng ke mehla ya bofelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Tsena tsohle di ile tsa ba hlahela hore e be mehlala, mme di ngotswe hore e be temoso ho rona ba fihletsweng ke mehla ya bofelo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 10:11
17 Referencias Cruzadas  

Yaba ba boela ba nosa ntata bona veine ka bosiu boo, mme e monyenyane a tsoha, a ya robala le yena; mme ha a ka a tseba, ha a robala, leha a tsoha.


Taba eo e ke e ngollwe mehla e tlang ho tla, setjhaba se tlang ho tswalwa se ke se rorise Jehova.


Hoo e tla ba sekgobo le nyediso, thuto le makatso pontsheng ya ditjhaba tse o teetseng hare, mohla ke o hlahisetsang dikahlolo ka bohale, le ka kgalefo, le ka dikgalemelo tse bohloko. Ke nna Jehova ke buang taba tsena.


sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi.


Jwaloka mofoka ha o kguwa, o tjheswa mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe lena.


Le tiisetseng teng, kahobane re tseba dinako, hoba e se e le nako ya ho tsoha borokong; hobane haele kajeno, poloko e haufi le rona ho fetisa mohla re dumetseng.


Bosiu bo se bo ya sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.


Hobane taba tsohle tse ngodilweng pele, di ngodilwe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tshediswa ke Mangolo, re tle re be le tshepo.


Mme ha ho ngodilwe hore o ho baletswe hoba ke ho loka, hase ho lekanya yena a nnotshi;


Taba tseo ke ditemoso ho rona, re tle re se ke ra lakatsa tse mpe, jwalokaha ba di lakaditse.


Seo ke se bolelang, banabeso, ke hoba, jwale, nako e kgutshwanyane; e le hore ba nang le basadi ba be jwaloka hoja ba se na bona;


Ha ke re, taba tseo o di boletse haholo ka baka la rona na? Efela ke ka baka la rona ho ngodilweng hore ya lemang o tshwanetse ho lema ka tshepo, le ya polang a pole a ntse a tshepile hobane le yena o tla ja.


Mme taba tseo ke setshwantsho; hobane basadi bao ke dilekane tse pedi; se seng e le sa thaba ya Sinai, se tswalang ba rekwang; seo ke Agare —


Mosa wa lona o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.


Re se ke ra ngala diphutheho tsa rona, kamoo e leng mokgwa wa ba bang kateng; re mpe re kgothatsane, haholo etswe le bona letsatsi le ntse le atamela.


Hobane ho se ho se hokae, mme ya tlang ho tla o tla hlaha; a ke ke a dieha.


Bana, ke nako ya qetello; mme jwalokaha le utlwile hobane antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke kahoo re tsebang hobane ke nako ya qetello.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos