Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.
Mattheu 12:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Mora motho ke morena le wa Sabatha. BIBELE Mora Motho ke morena wa Sabatha.” Baasraak Sotho NT Hobane Mora motho ke Morena le wa letsatsi la Sabatha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Mora motho ke Morena le wa letsatsi la Sabatha. |
Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.
Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.
Mme jwale — hore le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.
Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong wa lona a bee kathoko ha hae seo a ka se bokellang, a lekanye ka seo a sitsitsweng ka sona, ho se ke ha lebellwa ho tla ha ka ho etsa dikabelo.
ho ba seng katlasa molao, ke ikentse ya seng katlasa molao, leha ke se ya se nang molao ka nqa ho Modimo, athe ke molaong wa Kreste, ke tle ke rue ba seng katlasa molao;
Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re: