Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong wa lona a bee kathoko ha hae seo a ka se bokellang, a lekanye ka seo a sitsitsweng ka sona, ho se ke ha lebellwa ho tla ha ka ho etsa dikabelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ka letsatsi la pele la veke, e mong le e mong wa lona a behe ka thoko ho yena, kamoo Modimo a mo atlehisang kateng, hore ha ke fihla, ho se be le dipokello.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ka letsatsi la pele la veke, e mong le e mong wa lona a behe ka thoko ho yena, kamoo Modimo a mo atlehisang kateng, hore ha ke fihla, ho se be le dipokello.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 16:2
22 Referencias Cruzadas  

Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.


Labane a re ho yena: A nke ke fumane mohau mahlong a hao, hobane ke lemohile hoba Jehova o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.


Hobane o ne o na le ntho di se kae, ha ke eso ho tle, empa jwale, di atile haholo, mme Jehova o o file lehlohonolo haesale ke etla; mme jwale, ntlo ya ka yona ke tla e sebeletsa neneng?


ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.


Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.


Asaria, moprista e moholo, wa lesika la Tsadoke, a mmolella, a re: Haesale kabelo e ntshwang e qala ho tliswa ka tlung ya Jehova, re jele, re bile re kgotshe, mme re bile re siile ho hongata; hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae; mme se setseng ke setha seo se seholo.


O entse seo a neng a ka se etsa; o tlile pele ho tlotsetsa mmele wa ka ho epelwa.


Ya leng kgabane ho tse nyenyane, le ho tse kgolo o tla ba kgabane; mme ya sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kgolo.


Ka tsatsi le qalang veke, e sa le kameso, ba ya lebitleng ho isa dinoko tseo ba di lokisetseng, ba ena le ba bang.


Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!


Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!


Ka la pele la veke, eitse ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Pauluse ha a tla tsamaya hosasane, a buisana le bona, a isa halelele, ya ba ya eba bosiu bo boholo.


Ke le nea keletso tabeng eo; efela lona e le tshwanetse, hobane esale ngwahola le rakile bohle ka ho etsa le ka ho rata.


O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos