Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 16:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele dithuso tse bokellelwang bahalaledi, le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Tabeng ya koleke e etsetswang badumedi, le lona le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Haele mabapi le koleke ya bahalaledi, jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia, le etse jwalo le lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Haele mabapi le koleke ya bahalaledi, jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia, le etse jwalo le lona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 16:1
20 Referencias Cruzadas  

E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.


Ba fela ba etsa hoo, mme ba di romela ho baholo ba phutheho ka matsoho a Barnabase le Pauluse.


Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.


Yare ha a hlotse teng matsatsi a mang, a tloha, a etela ka hlomahanyo dinaha tsa Galatia le tsa Frigia, a ntse a tiisa barutuwa kaofela.


Jwale, kamora dilemo tse ngata, ke tlile ho etsa dithuso le diabo setjhabeng sa heso.


Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;


Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela.


Sielang bahalaledi ha ba hloka; le be mafolofolo ho amohela baeti.


Mme ekare ha e mong a lapile, a no ja hae, le tle le se ke la phuthehela tsuo. Haele ka tse ding, tsona ke tla di lokisa ha ke se ke fihlile.


Ke sa le rapela hle, banabeso! Le tseba ba ntlo ya Setefanase, hobane ke bona bao e leng matsibolo a Akaea, le hoba ba ineetse tshebeletso ya bahalaledi.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.


ke ena le baena bohle ba ho nna ke ngolla dikereke tsa Galatia;


Feela ba re, re no hopola bafumanehi, mme ke sona seo ke thootheletsweng ho se etsa.


kamoo ke utlwang tumelo ya hao ho Morena Jesu kateng, le lerato la hao ho bahalaledi bohle.


Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.


Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.


Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos