Mattheu 12:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ho tliswa ho Jesu motho ya nang le motemona, e le sefofu se semumu, a mo fodisa; mme jwale, sefofu se semumu sa bua, le hona sa bona. BIBELE Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona. Baasraak Sotho NT Jwale ha tliswa ho yena motho ya nang le modemona, e le sefofu, le semumu; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale ha tliswa ho yena motho ya nang le modemona, e le sefofu, le semumu; |
Tsatsing leo, ba thibaneng ditsebe ba tla utlwa ditaba tsa buka; mahlo a difofu a tla phunya bosiu le lefifi, a bone.
Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.
Le meya e ditshila ha e mmona, e ne e kgumama pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.
o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.
Ke lekanya eo ho tla ha hae ho leng ka tshebetso ya Satane, ka matla wohle, le ka dipontsho, le ka mehlolo ya bohata,