Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.
Mattheu 12:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang. BIBELE Ha Jesu a tsebile hoo, a tloha moo. Batho ba bangata ba mo latela, mme a ba fodisa bohle, Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a tseba, a tloha teng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a tseba, a tloha teng; |
Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.
Kahohle moo a kenang teng, metsaneng le metseng e meholo, le naheng, ba bea ba kulang mapatlelong, ba mo rapela, hore ba ke ba ame leha e le qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.
Yare ha Jesu a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?
Eitse hobane batho ba tsebe, ba mo latela. Jesu a ba amohela, a ba bolella taba tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba batlang phodiso.
Ka baka leo, Jesu ha a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda; a mpa a tloha moo, a ya motseng o bitswang Efraime, naheng e haufi le nahathote, mme e hlola teng le barutuwa ba hae.
Kamora tseo, Jesu a nna a ya le Galelea; hobane a ne a sa rate ho ya le Judea, ke hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.
E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona.
Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.
Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;