La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 10:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

le bafo ba motho e tla ba dira ho yena.

Ver Capítulo

BIBELE

mme ba ntlo ya motho e tla ba dira tsa hae.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Mme baba ba motho e tla ba ba ntlo ya hae.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mme baba ba motho e tla ba ba ntlo ya hae.

Ver Capítulo



Mattheu 10:36
14 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.


Esita le monna ya kgotsitseng ho nna, eo ke neng ke mo tshepile, ya neng a eja bohobe ba ka, o nthahile ka serethe.


empa ke wena, monna eo o leng mokana e motswalle wa ka;


Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.


Hobane haele ba heno le ba ntlo ya ntatao, ba o eka, mme le bona ba o purumela. Ha be ena le dipolelo tse monate le wena, o se ke wa ba dumela.


Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.


hobane mora o nyedisa ntatae, moradi o tsohela mmae matla, ngwetsi e lwantsha matsala yona, mme ba ntlo ya motho ke bona bao e leng dira ho yena.


Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.


Petrose a re ho yena: O ke ke wa ba wa hlatswa maoto a ka le ka mohla o le mong. Jesu a mo araba, a re: Ekare ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.


Empa Eliabe, moholwane wa Davida, ha a utlwa taba tseo a di buang le banna bao, a halefela Davida, a re: O tletseng kwano? Mme dinkunyana tsela tse seng kae o di siile le mang nahathothe? ke tseba boikgohomoso ba hao le mabela a pelo ya hao, hobane o tlile ho boha ntwa feela!