A tadima, a bona pela hlooho ya hae e le senkgwa se besitsweng hodima mashala, le nkgo ya metsi. A ja, a nwa, a boela a robala.
Mareka 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na se jewang. BIBELE “Ke utlwela batho bana bohloko, hobane ba se ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. Baasraak Sotho NT Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane e se e le matsatsi a mararo ba dutse le nna, mme ha ba na seo ba ka se jang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane e se e le matsatsi a mararo ba dutse le nna, mme ha ba na seo ba ka se jang. |
A tadima, a bona pela hlooho ya hae e le senkgwa se besitsweng hodima mashala, le nkgo ya metsi. A ja, a nwa, a boela a robala.
O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makgopo a rona, o akgele dibe tsa rona kaofela bodibeng ba lewatle.
Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona.
Jesu a ba utlwela bohloko, a ama mahlo a bona, mme hang mahlo a bona a boela a bona; mme ba mo latela.
Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.
Jesu a mo utlwela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata, o ntlafale.
Jesu a se ke a mo dumella, a mpa a re ho yena: Eya hae, haeno, ho banabeno, o ba tsebise tse kgolo tseo Morena a o entseng tsona, kamoo a o utlwetseng bohloko kateng.
Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.
Ekare ha nka ba kgutlisetsa mahae a bona ba lapile, ba ka kgathala tseleng; hobane ba bang ho bona ba tswa hole.
mme o mo lahletse hangata mollong le metsing, o tle o mo timetse. Empa ha o ka tseba ho thusa, re utlwele bohloko, mme o re thuse.
Yaba o tloha, a ya ho ntatae. Yare ha a sa le hole, ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a itihela molaleng wa hae, a mo aka.
Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.
mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.