Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 6:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 Eitse ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Eitse ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 6:34
19 Referencias Cruzadas  

Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.


Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, jwaloka dinku tse se nang modisa; Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a ipoelle hae ka kgotso!


E mong le e mong o tla ba jwaloka tshepe e tebelwang, le jwaloka mohlape o hlokang modisa, e mong le e mong a lebe ha habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.


Setjhaba sa ka e ne e le mohlape wa dinku tse lahlehileng; badisa ba tsona ba ne ba di kgelosa, ba di sepedisa dithabeng le marallaneng, tsa ba tsa lebala lesaka la tsona.


Ka ho hloka modisa, di ile tsa qhalana; ya eba dijo tsa dibatana tsohle tsa naha, tsa hasana.


Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.


ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.


Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona.


Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.


Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Empa matshwele a ba bona ha ba eya, mme ba bangata ba mo tseba; yaba ke moo ba mathelang teng hammoho, ba tswa metseng yohle ka maoto, mme ba fihla teng pele ho bona.


Tsatsi ha le se le ile, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, hape e se e le mantsiboya;


Mohlang oo, bongata bo boholo bo ne bo na le Jesu, mme ba ne ba hloka se jewang. Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona:


Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na se jewang.


Eitse hobane batho ba tsebe, ba mo latela. Jesu a ba amohela, a ba bolella taba tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba batlang phodiso.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos