Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 20:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Jesu a ba utlwela bohloko, a ama mahlo a bona, mme hang mahlo a bona a boela a bona; mme ba mo latela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Jesu a di utlwela bohloko, a ama mahlo a tsona; hanghang tsa bona, mme tsa mo latela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 Jesu a ba utlwela bohloko, a ama mahlo a bona, mme mahlo a bona a phakisa a bona, mme ba mo latela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Jesu a ba utlwela bohloko, a ama mahlo a bona, mme mahlo a bona a phakisa a bona, mme ba mo latela.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 20:34
20 Referencias Cruzadas  

Ha ke ne ke eso ho kokobetswe, ka na ka kgeloha; empa jwale, ke ela lentswe la hao hloko.


Ho molemo ho nna ha ke bile ka kokobetswa, ke tle ke ithute ho mamela dikomelo tsa hao.


Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o hauhela haholo ho fetisisa.


Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona.


Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.


Ba re ho yena: Morena, mahlo a rona a ke a tutubollwe.


Yare ha ba atametse Jerusalema, ba se ba fihlile Bethefage, thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma barutuwa ba le babedi;


Yare ha a mo amile letsoho, febere ya mo tlohela, mme a tsoha, a mo sebeletsa.


Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etsetswe kamoo le dumetseng kateng.


Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Jesu a mo ntsha hara bongata, a mo nkela thoko, a mo kenya menwana ditsebeng; a tshwela mathe, a ama leleme la hae ka wona.


Sa hla sa bona hang, sa mo latela, se ntse se rorisa Modimo. Mme batho kaofela ba boneng hoo, ba boka Modimo.


Empa Jesu a bua, a re: Ba leseleng ho fihlela hona! Mme a ama tsebe ya motho eo, a mo fodisa.


Eitse ha Morena a mmona, a mo utlwela bohloko, a ba a re ho yena: Se lle.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos