Mareka 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Batho ba bangata ba phakisa ba phuthehela teng, sebaka sa ba sa hlokahala le pela monyako; mme Jesu a ruta lentswe la Modimo. BIBELE Ha bokana batho ba bangata, hoo ho ileng ha hlokahala sebaka sa ho ema, leha e le monyako feela, mme a ba ruta lentswe. Baasraak Sotho NT Jwale ba bangata ba phutheha, hoo ho neng ho se sebaka sa ho ba amohela, leha e le monyako, mme a ba bolella lentswe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale ba bangata ba phutheha, hoo ho neng ho se sebaka sa ho ba amohela, leha e le monyako, mme a ba bolella lentswe. |
Hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;
Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.
Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Jesu a boela a kena Kapernauma, mme ha utlwahala hobane o tlung.
Jesu a boela a tloha, a ya nqa lewatleng, mme bongata bohle ba ya ho yena, mme a ba ruta.
Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.
Ho sa le jwalo, batho ba dikete ba ne ba phuthehile hammoho, ba bile ba hatellana; mme Jesu a qala ho bua le barutuwa ba hae pele, a re: Le tshabe ditomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.
Ka tsatsi le leng, Jesu o ne a ruta; bafarisi le baruti ba molao, ba tswang metsaneng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, ba ne ba dutse ho yena, mme matla a Morena a ne a bonahala ka ho fodisa.
Kamora tseo, a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; ba leshome le metso e mmedi ba ya le yena.
Ba neng ba qhalantswe ke hloriso e hlahileng ka Setefane, ba fetela pele ho ya Fenisia, le Sipera, le Antioke, ba sa bolelle motho lentswe, haese Bajuda ba nnotshi.
Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.
Baapostola, eitse hobane ba pake lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba bolela Evangeli metsaneng e mengata ya Samaria.
Empa ho reng? Ho re: Polelo e haufi le wena, e molomong wa hao, e ka pelong ya hao; ke yona polelo ya tumelo eo re le bolellang yona,
O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.