Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 2:2 - BIBELE

2 Ha bokana batho ba bangata, hoo ho ileng ha hlokahala sebaka sa ho ema, leha e le monyako feela, mme a ba ruta lentswe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Batho ba bangata ba phakisa ba phuthehela teng, sebaka sa ba sa hlokahala le pela monyako; mme Jesu a ruta lentswe la Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Jwale ba bangata ba phutheha, hoo ho neng ho se sebaka sa ho ba amohela, leha e le monyako, mme a ba bolella lentswe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Jwale ba bangata ba phutheha, hoo ho neng ho se sebaka sa ho ba amohela, leha e le monyako, mme a ba bolella lentswe.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 2:2
20 Referencias Cruzadas  

Ke thabela ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka. Molao wa hao o ka pelong ya ka.”


a qala ho ba ruta, a re:


Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo,


mme motse wohle wa bokana monyako.


ba mo fumana, mme ba re ho yena: “Bohle ba ntse ba o batla.”


Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.


Hoba Jesu a kgutlele Kaperenauma kamora matsatsinyana, ha utlwahala hore o teng hae.


Jesu a boela a ya lebopong la letsha; letshwele lohle la tla ho yena, mme a le ruta.


Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.


Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.


Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena.


Hamorao Jesu a etela motse le motsana ka mong, a ntse a phatlalatsa, a bolela molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo. Ba leshome le metso e mmedi ba ne ba ena le yena,


“Qaqiso ya setshwantsho ke ena: Peo ke lentswe la Modimo.


Badumedi ba neng ba qhalantswe ke tlhoriso e bileng teng ho Setefane, ba fetela Fenisia, le Sipera, le Antiokia, ba sa bolelle motho lentswe la Modimo, haese Bajuda feela.


Ha ba se ba boletse lentswe la Modimo Perege, ba theohela Ataleya.


Ba haola naheng ya Firigia le Galatia, kaha Moya o Halalelang o no ba hanetse ho bolela lentswe la Modimo Asia.


Hoba ba pake, mme ba bolele lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba phatlalatsa molaetsa o molemo metseng e mengata ya Basamaria.


Ho thweng hape? “Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao,” e leng lentswe la tumelo, leo re le phatlalatsang.


Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos