Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka tsatsi le leng, Jesu o ne a ruta; bafarisi le baruti ba molao, ba tswang metsaneng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, ba ne ba dutse ho yena, mme matla a Morena a ne a bonahala ka ho fodisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta, ho ne ho dutse Bafarisi le Ditsebi tsa Molao, ba tswang metseng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, mme matla a Morena a ne a le teng. teng ho ba fodisa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta, ho ne ho dutse Bafarisi le Ditsebi tsa Molao, ba tswang metseng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, mme matla a Morena a ne a le teng teng ho ba fodisa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:17
20 Referencias Cruzadas  

Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.


Jwale, bangodi le bafarisi ba tla ho Jesu, ba etswa Jerusalema, ba re ho yena:


Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.


ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


Bangodi ba theohileng Jerusalema, ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona.


Jesu a mpa a phakisa a lemoha ka ho yena matla a tswileng ho yena, mme a reteleha hara bongata, a re: Ke mang ya amileng kobo ya ka?


Jwale, ha phuthehela ho Jesu bafarisi le bangodi ba bang ba tswang Jerusalema.


Bafarisi le bangodi bona ba ne ba seba ke hona, ba re: Eno o amohela baetsadibe, o ja le bona.


Kamora matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba botsa.


Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi?


Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?


Bongata bohle bo ne bo rata ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, a fodisang bohle.


Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena.


Empa Jesu a re: E mong o nkamile, hobane ke tsebile hoba matla a mang a tswile ho nna.


Jesu a araba, a re ho yena: Wena o moruti wa Iseraele, mme ha o tsebe taba tseo!


Empa ya etsang nnete, o tla leseding, mesebetsi ya hae e tle e bonahatswe hore e etseditswe Modimo.


Modimo wa nna wa etsa mehlolo e makatsang ka matsoho a Pauluse.


Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.


Empa mofarisi e mong, ya bitswang Gamaliele, moruti wa molao ya roriswang ke setjhaba kaofela, a ema hara lekgotla, a laela hore baapostola ba ntshetswe ntle motsotswana o se okae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos