Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele; ya hlalang o apesa kobo ya hae ka bokgopo, ho bolela Jehova wa makgotla. Iponeleng hle meyeng ya lona, le se ke la etsa ka bolotsana.
Mareka 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ka ho mo leka, hore na monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae. BIBELE Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa ka ho mo leka, hore na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae. Baasraak Sotho NT Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae na? ho mo leka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae na? ho mo leka. |
Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele; ya hlalang o apesa kobo ya hae ka bokgopo, ho bolela Jehova wa makgotla. Iponeleng hle meyeng ya lona, le se ke la etsa ka bolotsana.
Jwale, barutuwa ba mo atamela, ba re ho yena: Na o a tseba hobane bafarisi ba ile ba hlonama ha ba utlwa polelo ya hao na?
Bafarisi le Basadusi ba tla, ba leka Jesu ka ho kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.
Bafarisi le bona ba tla ho yena, ho mo leka; yaba ba re ho yena: Hleka motho o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la eng le eng na?
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.
Jesu ha a tloha moo, a ya meeding ya Judea, mose ho Jordane; bongata ba boela ba bokana ho yena, mme a boela a ba ruta jwalokaha e ne e le mokgwa wa hae.
Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho fapanya dipuo le yena, ba kopa pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.
Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.
Morena a re ho yena: Lona bafarisi, le hlatswa sejana le mokeke kantle, kanthe kahare ho lona ho tletse boshodu le lonya.
Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.
Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?
Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona.
Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena.
Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na?
Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.
Yare ha bafarisi ba utlwa kamoo ba mo sebang kateng, bona bafarisi le baprista ba boholo ba roma bahlanka ho mo tshwara.
Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile.
Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.