Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 8:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho fapanya dipuo le yena, ba kopa pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Bafarisi ba tla, ba qala ho phea kgang le yena, mme ka ho mo leka, ba batla hore a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho buisana le yena, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho buisana le yena, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 8:11
27 Referencias Cruzadas  

Yaba setjhaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re nwe! Moshe a re ho bona: Le ntsekisetsang? Le lekelang Jehova?


A rea nqalo eo lebitso la Massa le Meriba (teko le tseko) ka baka la tseko ya bana ba Iseraele, le kahobane ba ne ba lekile Jehova, ba re: Hleka Jehova o teng hara rona, kapa ha a yo na?


Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!


Lekgatheng leo, bangodi le bafarisi ba bang ba re ho Jesu: Moruti, re rata re ka o bona o etsa mohlolo.


Bafarisi le bona ba tla ho yena, ho mo leka; yaba ba re ho yena: Hleka motho o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la eng le eng na?


Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?


Yaba bafarisi ba tloha, ba ya rera hammoho kamoo ba ka mo tshwasang ka dipolelo tsa hae kateng.


Empa Jesu a tseba lonya la bona, a re: Le ntekelang, lona baikaketsi?


Tsatsing lona leo, basadusi, e leng ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa,


Empa yena, ka ho lemoha boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang na? Ntlisetseng denare, ke e bone.


Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jelang le balekgetho le baetsadibe, o nwelang le bona?


A botsa bangodi, a re: Le pheile kgang ya eng le bona?


Yaba moruti e mong wa molao o ema, a leka Jesu, a re: Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?


Ba bang hape ba mo leka, ka ho qela pontsho e tswang lehodimong.


Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela.


Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na?


Ke mang ho baholo le ho bafarisi ya dumetseng ho yena?


Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile.


Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka.


Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.


Se lekeng Jehova, Modimo wa lona, jwalokaha le mo lekile Massa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos