Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 8:11 - BIBELE

11 Bafarisi ba tla, ba qala ho phea kgang le yena, mme ka ho mo leka, ba batla hore a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho fapanya dipuo le yena, ba kopa pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho buisana le yena, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho buisana le yena, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 8:11
27 Referencias Cruzadas  

Yaba setjhaba se ipelaetsa ho Moshe, se re: “Re fe metsi, re nwe!” Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le ipelaetsa? Le lekelang Morena?”


Sebaka seo sa rewa lebitso la Masa le Meriba , ka baka la ho ipelaetsa ha bana ba Iseraele, le ka baka la hobane ba ne ba leka Morena, ha ba re: “Na Morena o teng hara rona, kapa tjhe?”


Rona re re ya ikgohomosang ke yena ya lehlohonolo; ba etsang bokgopo ke bona ba atlehang. Ba ile ba phephetsa Modimo, empa ba se ke ba hlahelwa ke letho.’ ”


Yaba tse ding tsa Ditsebi tsa Molao le ba bang ba Bafarisi ba a araba, ba re: “Moruti, re rata ho bona sesupo se tswang ho wena.”


Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa potso ho mo leka, ba re: “Na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae ka lebaka lefe kapa lefe?”


Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?”


Yaba Bafarisi ba a tsamaya, ba ilo buisana ka hore na ba ka mo tshwasa jwang ka dipuo tsa hae.


Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, mme a re: “Baikaketsi ting! Le ntekelang?


Ka lona tsatsi leo Basaduke, ba neng ba re ha ho tsoho ya bafu, ba tla ho yena ba mmotsa,


Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng tjhelete ya denare, nke ke e bone.”


Ditsebi tsa Molao, tseo e neng e le Bafarisi, ha di bona hore o ja le baetsadibe le balekgetho, tsa re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang ha a eja le balekgetho le baetsadibe?”


A ba botsa, a re: “Ke eng eo le pheang kgang ka yona le bona?”


Jwale ha ema Setsebi se seng sa Molao, mme ka ho leka Jesu, sa re: “Moruti, eka kgona ke etseng hore ke rue bophelo bo sa feleng?”


Ba bang bona ba mo kopa mohlolo o tswang lehodimong, ka ho mo leka.


Jesu a re ho lona: “Ha le sa bone dipontsho le mehlolo ha le ka ke la dumela.”


Jwale ba re ho yena: “O etsa mohlolo ofe, hore re bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng?


Na o teng ho babusi kapa ho Bafarisi ya dumetseng ho yena?


Ba ile ba rialo ka ho mo leka, hore ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana.


Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang le dumellaneng ho leka Moya wa Morena? Utlwa diqi tsa ba tswa epela monna wa hao di monyako, le wena ba tla o nkela kantle.”


Re se ke ra leka Morena, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha.


“O se ke wa leka Morena Modimo wa hao, jwalokaha o ile wa mo leka ha o le Masa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos