Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 10:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae na? ho mo leka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ka ho mo leka, hore na monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa ka ho mo leka, hore na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae na? ho mo leka.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 10:2
25 Referencias Cruzadas  

Jwale barutuwa ba hae ba tla, ba re ho yena: “Na o a tseba hore Bafarisi ba ile ba kgopeha ha ba utlwa polelo eo?


Bafarisi le Basadusi ba tla ho yena, mme ba mo leka, ba kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.


Bafarisi le bona ba tla ho yena, ba mo leka, ba re ho yena: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la ntho e nngwe le e nngwe na?


E mong wa bona, eo e neng e le setsebi sa Molao, a mmotsa, a mo leka, a re:


Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;


Empa bafarisi ba re: O leleka batemona ka morena wa batemona.


Jesu a tloha teng, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane; mme a boela a ba ruta jwalokaha a ne a tlwaetse.


A araba, a re ho bona: Moshe o le laetse eng?


Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho buisana le yena, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.


A ba laela, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le ditomoso tsa Heroda.


Morena a re ho yena: Jwale, lona Bafarisi le hlatswa senwelo le mokeke bokantle; empa bokahare ba lona bo tletse boshodu le bokgopo.


Le Bafarisi, e leng ba ratang leruo, ba utlwa tsena tsohle, mme ba mo soma.


Bangodi le Bafarisi ba bona ba korotlela barutuwa ba hae, ba re: “Ke ka baka lang ha le ja le balekgetho le baetsadibe, le nwa le bona?


Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla fodisa ka tsatsi la Sabatha na; e le hore ba tle ba fumane seo ba mo qosang ka sona.


Empa Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba latola morero wa Modimo, ka ho se kolobetswe ke yena.


Jwale, baprista ba baholo le Bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: “Re etsang? hobane monna enwa o etsa mehlolo e mengata.


Joale baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba fane ka taelo ea hore, haeba mang kapa mang a tseba moo a leng teng, a bolele, e le hore ba ka mo tšoara.


Bafarisi ba utlwa letshwele le mo dumaduma; mme Bafarisi le baprista ba baholo ba roma bahlanka ho mo tshwara.


Na ho na le e mong wa babusi kapa ho Bafarisi ya dumetseng ho yena?


Ba bua jwalo, ho mo leka, hore ba tle ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana, jwaloka hoja a sa ba utlwe.


Hape re se ke ra leka Kreste, jwalokaha ba bang hara bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos