Mareka 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena. BIBELE mme lentswe le tswang mahodimong la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.” Baasraak Sotho NT Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena. |
Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.
Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.
A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
A re a sa tswa metsing, a bona lehodimo le phetlwa, mme Moya o theohela hodima hae o ka leeba.
Yaba leru le a tla, la ba kgurumetsa, ha ba ha tswa lentswe lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang; mo utlweng.
mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.
Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
Le yena Ntate ya nthomileng o a mpaka; ha le eso ho ka le utlwa lentswe la hae, mme ha le eso ho ka le bona sefahleho sa hae le ka mohla o le mong.
ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung;