Ka baka la tseo, bona, ke tla hlahisetsa ntlo ya Jeroboame kotsi, ke timetse ha Jeroboame ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng, ke fiele ntlo ya Jeroboame, jwalokaha ho fielwa ditshila, di be di fele.
Malakia 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, ke tla senya dijalo tsa lona, ke akgele bolokwe difahlehong tsa lona, e leng bolokwe ba ntho tse hlabelwang mekete ya lona, mme ba tla le lahlela kantle le jona. BIBELE “Ke tla timetsa ditloholo tsa lona, ke le phare mahlong ka moswang wa mahlabelo a lona a mekete; le be le lahlelwe le wona kantle. |
Ka baka la tseo, bona, ke tla hlahisetsa ntlo ya Jeroboame kotsi, ke timetse ha Jeroboame ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng, ke fiele ntlo ya Jeroboame, jwalokaha ho fielwa ditshila, di be di fele.
leha ho le jwalo, o tla fela jwaloka lethete la hae, ka ho sa feleng; ba mmoneng ba tla re: O kae?
Haele nama ya poho, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o di tjhese kantle ho diahelo; ke sehlabelo sa sebe.
a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.
Naha e senyehile, lefatshe le swabile, hobane koro e sentswe, merara e omeletse, difate tsa ole di ponne.
Dipeo di bodile katlasa makote; mediko e feela, matlo a polokelo a helehile, hobane koro e omeletse.
bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.
Le nna, ke tla le etsa ba nyediswang le ba kgeswang hara setjhaba kaofela, hobane ha le boloke ditsela tsa ka, mme kahlolong le etsa ka tshobotsi.
Ha le na mosebetsi bakeng sa mobu, kapa bakeng sa moitedi; ba le lahlela ntle. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
Leha re nyefolwa, re a rapela; re entswe dithole tsa lefatshe, le dilahlwa tsa bohle, ho fihlela jwale.
O tla isa peo e ngata masimong a hao, empa o tla kotula ho seng hokae, hobane tsie e tla e ja.