Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 2:3 - BIBELE

3 “Ke tla timetsa ditloholo tsa lona, ke le phare mahlong ka moswang wa mahlabelo a lona a mekete; le be le lahlelwe le wona kantle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bonang, ke tla senya dijalo tsa lona, ke akgele bolokwe difahlehong tsa lona, e leng bolokwe ba ntho tse hlabelwang mekete ya lona, mme ba tla le lahlela kantle le jona.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 2:3
16 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ka baka leo, ntlo ya Jeroboame ke tla e dihela koduwa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Jeroboame; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Ke tla timetsa masalla a lelapa la Jeroboame, jwalokaha motho a besa kgapane, e ba e re lore!


o tla timella ruri jwaloka thete la hae, ba mmoneng ba re: ‘Ekaba o nyametse kae?’


O re kgethela lefa la rona, bokgabane ba Jakobo eo a mo ratileng.


Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone,


Ha e le nama ya pohwana ena, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o tla di tjhesetsa kantle ho diahelo tsa lona. Hona ke sehlabelo se etsetswang tefelo ya sebe.


A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


Masimo a lobetswe, a senyehile, naha e omeletse, e se le sekaka, mabele a lobetswe, a senyehile, veine e ntjha ha e sa ritelwa, ole le yona ha e sa fumanwa.


Peo e bolelletse katlasa makwete, mediko e senyehile, disiu di tabohile, hobane mabele le wona a phutsitse.


le nna ke tla etsa jwalo ho lona, ke le hlorise ka lefu la lefuba, le la feberu le foufatsang, le le fedisang. Le tla lemela ntataselala, hobane dira tsa lona di tla ja dijalo tsa lona.


Ke tla o silafatsa, ke o hlabise dihlong, ke o etse sebonwang-se-bonwa-ke-bohle.


“Kahoo le nna ke entse hore le nyedisehe, setjhaba sohle se le telle, hobane ha le a ka la natsa ditsela tsa ka, empa le bontshitse leeme dinyeweng.”


Ha le sa na thuso bakeng sa mobu, leha e le bakeng sa moitedi. Le lahlelwa kantle. “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”


ha ba re senya mabitso, re phaphatha kgotso. Re fetohile dithole ho lefatshe lohle, le manyala ho bohle, ho fihlela jwale.


“O tla jala peo e ngata tshimong, empa o tla kotula hanyenyane, hobane ditsie di tla e ja.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos