Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.
Luka 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tse ding tsa wela mobung o motle; tsa mela, tsa beha ha lekgolo. Yare hobane a bolele tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe. BIBELE E nngwe ya wela mobung a motle, ya mela, ya beha tse lekgolo.” Hoba a rialo a howa, a re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!” Baasraak Sotho NT Tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa mela, tsa beha ditholwana ha lekgolo. Eitse hobane a bolele taba tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa mela, tsa beha ditholwana ha lekgolo. Eitse hobane a bolele taba tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe! |
Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.
Jehova o nnile a roma ho lona bahlanka ba hae kaofela, baporofeta, a ba roma a ntse a tsoha esale hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela, mme le sa ka la sekeha ditsebe tsa lona ho utlwa.
Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.
Ba amohetseng peo mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le amohela, mme ba beha; hlaku e nngwe e behe tse mashome a mararo, e nngwe e behe tse mashome a tsheletseng, e nngwe e behe tse lekgolo.
Tse ding tsa wela mobung o motle, tsa beha dijo, tsa mela, tsa hola; e nngwe ya beha tse mashome a mararo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse lekgolo.
Ha le na mosebetsi bakeng sa mobu, kapa bakeng sa moitedi; ba le lahlela ntle. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
Mme tse wetseng mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka dipelo tse ntle, tse molemo; ba le boloka, mme ba beha dijo ka tiisetso.
Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.
le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.