Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ha a ka ke a ntshwa kotsi ke lefu la bobedi.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:11
16 Referencias Cruzadas  

Ya nang le ditsebe ho utlwa u utlwe.


Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.


Mme a re ho bona: Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe.


Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.


Tse ding tsa wela mobung o motle; tsa mela, tsa beha ha lekgolo. Yare hobane a bolele tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.


Ya nang le ditsebe a utlwe.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.


Lefu le lebitla tsa akgelwa letsheng la mollo; ke lona lefu la bobedi.


Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ya pele; hobane lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena dilemo tse sekete.


Ya hlolang o tla ja lefa la ntho tsohle, mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Ya hlolang, ke tla mo etsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa teng; mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.


Ya hlolang, yena o tla apeswa diaparo tse tshweu, mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos