Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ngolla lengeloi la kereke ya Pergame, o re: Ya tshwereng sabole e ntjhotjho e leoditsweng ka nqa tse pedi, o bolela tsena, o re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Ngolla moruti wa kereke e Peregamose, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng sabole e bohale, e sehang kamahohle,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Ngolla lengeloi la kereke e Pergame; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ngolla lengeloi la kereke e Pergame; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:12
10 Referencias Cruzadas  

Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


O neile molomo wa ka bohale ba lerumo, o nkentse moriting wa letsoho la hae, o nkentse motsu o ntjhotjho, o mpatile kgohlopong ya hae.


Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo.


Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong le letona la hae, mme sabole e ntjhotjho, e leoditsweng ka nqa tse pedi, e ne e tswa molomong wa hae; sefahleho sa hae se ne se tshwana le letsatsi ha le kganya ka matla a lona.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


Ba babedi bao ba akgelwa, ba sa phela, letsheng le tukang mollo le sebabole.


Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re:


O bake; ha ho se jwalo, ke tla phakisa ke tle ho wena, ke lwane le bona ka sabole ya molomo wa ka.


Ehude a iketsetsa sabole e mahale a mabedi, bolelele ba yona e le setswe se le seng; mme a e tlama seropeng sa hae se setona katlasa dikobo tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos