Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 13:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Utlwang, le mamele; le se ke la ithorisa, hobane ho bua Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Theang tsebe le mamele, le se ke la ikakasa, hoba ke Morena ya seng a buile.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 13:15
11 Referencias Cruzadas  

Motho ka mong ya ikgohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova, ruri o tla otlwa, a ke ke a phonyoha.


Mahodimo, mamelang! wena, lefatshe, sekeha tsebe; hobane Jehova o a bua; o re: Ke fepile bana, ke ba hodisitse, empa ba ikgantsheditse nna.


Ke mang hara lona ya tlang ho mamela taba tseo, a lemohe, a nne a utlwe?


Ho itswe ke Jehova: Ke tla bodisa bokgabane ba Juda jwalo, le bokgabane ba Iseraele bo boholoholo.


Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.


Utlwang taba ena, lona maqheku; le sekehe ditsebe, lona bohle baahi ba lefatshe. Na taba e jwalo e se e kile ya eba teng mehleng ya lona le mehleng ya bontata lona?


Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos