Luka 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ka baka leo ke itekantseng ya sa tshwaneleng ho ya ho wena; o mpe o bue polelo, mme mohlanka wa ka o tla fola. BIBELE ka baka leo, ha ke a ka ka iphumana ke lokelwa ke ho tla ho wena; mpe o bue feela, mme mohlanka wa ka o tla fola. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ha ke a ka ka ipona ke tshwanela ho tla ho wena, empa bua lentswe, mme mohlanka wa ka o tla fola. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ha ke a ka ka ipona ke tshwanela ho tla ho wena, empa bua lentswe, mme mohlanka wa ka o tla fola. |
a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.
Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.
Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?
A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.
Yaba Jesu o ya le bona. Ha a se a le haufi le ntlo, molaodi wa lekgolo a roma metswalle ya hae ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa ikgathatsa; hobane ha ke a tshwanela hore o kene tlung ya ka.
Hobane le nna, ke leng motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; ha ke re ho e mong: Eya, o a ye: Le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.
Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.