Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Jesu o ya le bona. Ha a se a le haufi le ntlo, molaodi wa lekgolo a roma metswalle ya hae ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa ikgathatsa; hobane ha ke a tshwanela hore o kene tlung ya ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Jesu a ya le bona. Yare ha a se a se hole le ntlo, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a roma metswalle, ya re ho yena: “Morena, o se ke wa ikgathatsa, hobane ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Jwale Jesu a ya le bona. Eitse ha a se a le hole le ntlo, molaodi wa lekgolo a romela metswalle ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa itshwenya, hobane ha ke a tshwanela hore o kene ka tlasa marulelo a ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Jwale Jesu a ya le bona. Eitse ha a se a le hole le ntlo, molaodi wa lekgolo a romela metswalle ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa itshwenya, hobane ha ke a tshwanela hore o kene ka tlasa marulelo a ka.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:6
15 Referencias Cruzadas  

ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.


Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng.


jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Yaba Jesu o ya le yena, mme bongata bo boholo ba mo latela, mme ba ne ba mo hatella.


Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.


Ha ba fihla ho Jesu, ba mo rapela ka matla, ba re: O tshwanelwa ke ho rapela ka matla, ba re: O tshwanelwa ke ho etswa jwalo ke wena;


hobane o rata setjhaba sa rona, e bile ke yena ya re hahetseng sinagoge.


Ke ka baka leo ke itekantseng ya sa tshwaneleng ho ya ho wena; o mpe o bue polelo, mme mohlanka wa ka o tla fola.


A re a sa bua, ha fihla e mong ya tswang ha mmusi wa sinagoge, a re ho yena: Moradi wa hao o shwele; o se ke wa kgathatsa moruti.


kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos