Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke ka baka leo ke itekantseng ya sa tshwaneleng ho ya ho wena; o mpe o bue polelo, mme mohlanka wa ka o tla fola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 ka baka leo, ha ke a ka ka iphumana ke lokelwa ke ho tla ho wena; mpe o bue feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Ka baka leo, ha ke a ka ka ipona ke tshwanela ho tla ho wena, empa bua lentswe, mme mohlanka wa ka o tla fola.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ka baka leo, ha ke a ka ka ipona ke tshwanela ho tla ho wena, empa bua lentswe, mme mohlanka wa ka o tla fola.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:7
10 Referencias Cruzadas  

a romela lentswe la hae, a ba fodisa, a ba ntsha mabitleng a bona.


Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.


a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.


Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?


A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.


Yaba Jesu o ya le bona. Ha a se a le haufi le ntlo, molaodi wa lekgolo a roma metswalle ya hae ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa ikgathatsa; hobane ha ke a tshwanela hore o kene tlung ya ka.


Hobane le nna, ke leng motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; ha ke re ho e mong: Eya, o a ye: Le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Jehova o a timetsa, mme o a pholosa, o theosetsa lebitleng, mme o nyolla teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos